Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A ikarolela theko ya yona ka nqa e nngwe, ba dumellane le mosadi wa hae, mme se setseng a se tlisa, a se bea maotong a baapostola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ka tumellano le mosadi wa hae a itshiela karolo ya tjhelete ya thekiso, mme a isa e nngwe, a e bea maotong a baapostola.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Mme a boloka karolo ya theko, le mosadi wa hae a tseba, a tlisa karolo e nngwe, a e bea maotong a baapostola.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Mme a boloka karolo ya theko, le mosadi wa hae a tseba, a tlisa karolo e nngwe, a e bea maotong a baapostola.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 5:2
16 Referencias Cruzadas  

Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.


Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;


A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng.


Bohle ba dumetseng ba ne ba dula hammoho; ba ne ba teanya dintho tsa bona kaofela hore e be tsa bohle.


o ne a ena le tshimo; a rekisa ka yona, mme a tlisa theko ya yona, a e bea maotong a baapostola.


Empa monna e mong ya bitswang Ananiase, a ena le Safira, mosadi wa hae, a rekisa ka tshimo.


Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?


Petrose a mmotsa, a re: Ako mpolelle hore na le rekile ka tshimo ho le hokalo na? A re: E, ho hokalo.


Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.


Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos