Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Empa ba bangata ba utlwileng lentswe la Modimo ba dumela, mme palo ya batho bao e ne e ka ba dikete tse hlano.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Empa ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; mme palo ya banna e ne e ka ba dikete tse hlano.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Empa ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; mme palo ya banna e ne e ka ba dikete tse hlano.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 4:4
10 Referencias Cruzadas  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.


Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.


Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha hlaku ya mabele, e wetseng mobung, e sa shwe, e tla dula e nnotshi; empa ha e eshwa, e hlahisa dijo tse ngata.


Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete tse batlileng ho ba tharo.


ba boka Modimo, mme ba kgahlisa setjhaba kaofela. Mme Morena a nna eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.


Ba bang ba dumela se bolelwang, ba bang ba mpa ba se ke ba dumela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos