Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 17:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 a ntse a ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore Kreste o ne a tshwanetse ho utlwiswa bohloko, le ho tsoha bafung; a re: Kreste eo ke yena Jesu eo ke le bolellang yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 A ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore ho ne ho tshwanetse hore Mesia a hlokofatswe, mme a tsohe bafung, le hore “Jesu enwa, eo ke le tsebisang yena, ke Mesia.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 A bula le ho bolela hore Kreste o ne a tshwanetse ho hlokofatswa, mme a tsohe bafung; le hore Jesu eo ke le bolellang yena ke Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 A bula le ho bolela hore Kreste o ne a tshwanetse ho hlokofatswa, mme a tsohe bafung; le hore Jesu eo ke le bolellang yena ke Kreste.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 17:3
16 Referencias Cruzadas  

Ba ba ba bolellana, ba re: Ana dipelo tsa rona di ne di sa tjhese kahare ho rona, ha a ntse a bua le rona tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?


A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.


A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;


Hobane ba ne ba eso ho utlwisise Lengolo le bolelang hore Kreste e ka kgona a tsohe bafung.


Enereha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, ba mpe ba lebelle pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna,


Hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng ka matla a maholo, a ba bontsha ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.


Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


Empa Modimo o phethile jwalo ditaba tseo o neng o di boletse pele ka melomo ya baporofeta bohle ba wona, hore Kreste o tla utlwiswa bohloko.


Haele Saule, a nna a ipha matla a maholo, a hlola Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke Kreste.


Jo! Bagalata, mawatla ting! na le loilwe ke mang, ha le tla lesa ho utlwa nnete, lona bao Jesu Kreste a kileng a tshwantshwa pela mahlo a lona, jwaloka hoja a thakgisitswe hara lona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos