Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 “Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:25
32 Referencias Cruzadas  

Morena a ntoo re ho Tsadoke: Busetsa areka ya Modimo motseng; ha nka bona mohau ho Jehova, o tla nkgutlisa, a boele a mpontshe yona le tulo tsa yona.


Yaba mosebetsi wa ntlo ya Modimo o Jerusalema o a ema; wa ema ho isa lemong sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, morena wa Persia.


Kamora tseo, mohla ho busang Artakserksese, morena wa Persia, Esdrase mora Seraia, mora Asaria, mora Hilkia,


A fihla Jerusalema ka kgwedi ya bohlano, e le ka selemo sa bosupa sa morena.


Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.


Yaba o bua pela banababo le pela bahlabani ba Samaria, a re: Bajuda bano ba fokolang ba etsa eng? Na ba haha qhobosheane na? Na ba tla hlaba mahlabelo na? Na ba tla phetha jwale na? Na ba tla phedisa majwe ka ho a ntsha diqubung tseno tsa marole, haele moo a tjhele?


ba ba ba dumellana kaofela morerong wa ho futuhela Jerusalema le wa ho o senya.


Haele lerako, la phetheha ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi ya Elule, le sebeditswe ka matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi.


Hobane dira tsa ka di ntsheba ka dipelo tsa tsona,


nako e teng ya ho bolaya, e teng nako le ya ho fodisa; nako e teng ya ho qhaqholla, e teng nako le ya ho haha;


Bonang, ke mo ntshitse ho ba paki ho ditjhaba, e be motsamaisi le molaodi wa ditjhaba.


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


la iphahamisa ho isa ho morena wa makgotla ao, la mo amoha sehlabelo sa kamehla, mme moaho wa sehalalelo sa hae wa ripitlwa.


Ka baka la bohlale ba hae, mano a tla atleha matsohong a hae; o tla ikgohomosa pelong ya hae, a senye ba bangata ba dutseng ka kgotso, a tsohele Morena wa marena matla; empa o tla robakwa, e seng ka letsoho la motho.


Eitse ha o sa qala ho rapela, lentswe la tswa leo ke tlileng ho o tsebisa lona, hobane o ya ratwang. Ela lentswe hloko, o utlwisise pono.


Jwale bokella makgotla a hao, Sione, moradi wa makgotla! Re se re ya thibellwa ke dira; ka molamu ba wahlela moahlodi wa Iseraele lerameng!


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.


Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —


Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa lokelang — ya balang a lemohe — mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;


Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi bao ba utlwileng Johanne ha a bolela, mme ba latela Jesu.


Mosadi a re ho yena: Ke a tseba hobane Messia, ya bitswang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle.


Le bile le bolaile Monga bophelo; empa Modimo o mo tsositse bafung, mme rona, re dipaki tsa taba eo.


Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Filipi a matha, mme eitse ha a mo utlwa a bala buka ya moporofeta Esaia, a mmotsa, a re: Na o utlwisisa seo o se balang na?


Lopollang dinako, hobane mehla e se e le mebe.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos