Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Baiseraele kaofela ba tlotse molao wa hao, ba kgelohile hore ba se utlwe lentswe la hao, mme thohako le hlapaolo tse ngodilweng molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di wetse hodima rona, hobane re o sitetswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Baiseraele bohle ba tlotse molao wa hao, ba o kgeloha, ba se ke ba o mamela. “Ka baka leo, dithohako le dikahlolo tse hlapanyeditsweng, tse ngotsweng Molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di re wetse hodimo, hobane re o sitetswe.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:11
30 Referencias Cruzadas  

e le kahobane ba sa ka ba utlwa lentswe le Jehova, Modimo wa bona, ba mpa ba tlola selekane sa hae sa tsohle tseo Moshe, mohlanka wa hae a neng a di laetse, ba se ke ba utlwa, ba se ke ba etsa.


Ho itswe ke Jehova: Bona, ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka ho latela mantswe wohle a buka e badilweng ke morena wa Juda.


Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho.


Ke ka baka leo ke nyedisitseng marena a sehalalelo, mme ka neela Jakobo ho rohakwa, le Iseraele ho nyediswa.


O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka.


Le ntse le tseka keng le nna? Le ba nkwenehetseng kaofela, ho bolela Jehova.


Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Mme Jehova o bo hlahisitse, o entse kamoo a neng a boletse kateng, kahobane le sitetswe Jehova, mme ha le a ka la mamela lentswe la hae; ke moo le hlahetsweng ke taba tseo.


Jehova o sitilwe hore a nne a iphapanye le bolotsana ba diketso tsa lona le manyala ao le neng le a etsa; ke moo lefatshe la lona le entsweng tshenyeho, le sebabatso, le thohako, lefatshe le se nang moahi, kamoo ho ntseng ho le kateng tsatsing lena.


Ke kahobane le ne le ntse le tjhesa dibano, le hobane le ne le ntse le sitelwa Jehova, le ne le sa utlwe lentswe la Jehova, le ne le sa tsamaye ka molao wa hae, le ka dikahlolo tsa hae, le ka dikeletso tsa hae; ke ka baka leo bobe boo bo le hlahetseng, kamoo ho ntseng ho le kateng le kajeno.


Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.


Egepeta, Juda, Edomo, bana ba Ammone, le Moabe, le bohle ba ipeolang hlafunelo, ba ahileng mafeelleng, hobane ke ditjhaba tse sa bolleng kaofela, mme le yona ntlo yohle ya Iseraele ha e a bolla pelo.


Jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Moshe, bobe bona kaofela bo re hlahetse jwalo. Leha ho le jwalo, ha re a ka ra nolofatsa sefahleho sa Jehova, Modimo wa rona, ka ho baka makgopong a rona, le ka ho hlokomela nnete ya hao.


re sitilwe, re entse bokgopo, re entse ka bolotsana le ka boikgantsho, re kgelohile ditaelo le dikahlolo tsa hao.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.


Jwalokaha le kile la ba thohako hara ditjhaba, lona ntlo ya Juda, le lona ntlo ya Iseraele, ke tla le pholosa jwalo, mme le tla ba hlohonolofalo. Se tshoheng, matsoho a lona a ke a tiye!


Le tla timela jwaloka ditjhaba tseo Jehova a yang ho di fedisa pela lona, ha le ka hana ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos