Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho le leng la wona, ha mela lenakana, le lelefallang ka nqa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Lenakeng le leng ha mela lenaka le lenyenyane, le ileng la hola haholo, matla a lona a tsejwa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:9
12 Referencias Cruzadas  

Jehova a atisa setjhaba sa hae haholo, sa eba matla ho fetisa dira tsa sona.


Thaba ya Sione e phahame ka botle, ke thabo ya lefatshe lohle; moo e hlanamelang leboya ke motse wa Morena e moholo.


Nna ka re: Nka o bea jwang baneng ba ka, nka o nea jwang lefatshe le lakatsehang, leruo le letle la makgotla a ditjhaba? Ka re: Le tla mpitsa Ntate, mme ha le sa tla nkwenehela.


Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, ka re: Ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


mohlang oo, ke ne ke ba emiseditse letsoho la ka, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba batletseng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


Ya neng a futuha ho mo lwantsha o tla etsa kamoo a ratang kateng, mme ha ho motho ya tla tiya pela hae; o tla ema naheng e kgahlehang, mme tshenyo e tla ba teng letsohong la hae.


Mme ho tla tsoha e mong tulong tsa hae, ya nyatsehang, ya sa lokelweng ke ho bewa morena, mme o tla itlhahisa ka kgotso, a ikgapele borena ka mano.


Ha ke boha manaka ao, ka bona lenakana le leng le hlaha pakeng tsa a mang, mme manaka a pele a mararo a kgorolwa ke lona; mme bonang, lenakana leo le ne le na le mahlo a kang mahlo a motho, le molomo o buang ka boikakaso.


ke tla ba qhalanyetsa ka sefefo hara ditjhaba tsohle tseo ba sa di tsebeng. Efela lefatshe la sala le senyehile kamora bona, ha ba ha hlokeha ya yang, kapa ya kgutlang ka lona; hobane ba fela ba fetotse naha e ratehang tshenyeho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos