Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka e bona e teana le pheleu, e e halefetse: ya thesela pheleu, ya e kgorola dinaka tse pedi tsa yona; mme matla a hlokahala pheleung a ho emellana le yona ya e lahlela fatshe, ya e hatakela, ho se motho ya e namolelang matleng a yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ka e bona e atamela pela pheleu, e e halefetse haholo. Ya fihla ya thula pheleu, ya roba manaka a yona a mabedi. Kaha pheleu e ne e se na matla a ho thula, phooko ya e dihela fatshe, ya e hatakela, mme ho ne ho se motho ya ka namolelang pheleu eo.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:7
8 Referencias Cruzadas  

Morena wa Borwa o tla halefisisa, mme o tla futuha, a lwane le morena wa Leboya; o tla mema makgotla a maholo, mme makgotla a morena wa Leboya a tla neelwa matsohong a hae.


Haele ka dibatana tse ding, tsa amohuwa borena, empa tsa ekeletswa bophelo ho isa mohla nako le motsotso o itseng.


Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.


la lelefala ho isa makgotleng a lehodimo, la dihela makgotla a mang le dinaledi tse ding fatshe, la di hatakela;


Ya fihla ho pheleu e dinaka tse pedi eo ke e boneng e eme pela noka, ya itihela hodima yona ka matla a bohale ba yona.


Yaba phooko e natlafala ka ho fetisisa, mme eitse hobane e fihle matleng a yona, lenaka le lelelele la kgoroha; bakeng sa lona ha mela manaka a mane a bonahalang ho lebana le meya e mene ya lehodimo.


Ba tla wa ka dihlooho, ba bang hodima ba bang, jwaloka hoja ba dihuwa ke lerumo, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Eitse ha ba Ai ba reteleha, ba bona mosi o etswa motseng, o nyolohela lehodimong, ba sitwa ho balehela kae le kae. Ba neng ba balehela nqa lefeelleng ba boya ho tla lwantsha ba ba phallelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos