Daniele 8:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)22 Lenaka le kgorohileng, leo manaka a mane a medileng sebakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tswa setjhabeng seo, empa e ke ke ya eba le matla a sona. Ver CapítuloBIBELE22 Manaka a mane a ileng a mela ha leo la pele le robeha, a tshwantsha mebuso e tla thewa hara setjhaba seo, empa mebuso eo e ke ke ya eba matla jwaloka mmuso wa pele. Ver Capítulo |
Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.