Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A re ho nna: E tla ba dikete tse pedi tse nang le makgolo a mararo a balwang mantsiboya le hosasa, sehalalelo se ntoo hlwekiswa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ya botswang a araba, a re: “E tla ba matsatsi a dikete tse pedi le makgolo a mararo. Kamora moo, Sehalalelo se tla hlwekiswa.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:14
14 Referencias Cruzadas  

Modimo wa bitsa lesedi motshehare, mme lefifi wa le bitsa bosiu. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la pele.


Sione o tla lopollwa ka kahlolo, ba kgutlelang teng ba lopollwe ka ho loka.


Moloko wa Iseraele kaofela o tla bewa o lokileng ke Jehova, o ithorise ho yena.


Leha ho le jwalo, ho qala ka nako ya ho fediswa ha sehlabelo sa kamehla, le sa peo ya manyala a bofediso, ho tla feta matsatsi a sekete se le seng se nang le makgolo a mabedi a mashome a robileng mono o le mong.


Ho lehlohonolo ya lebelang, mme a finyella matsatsing a sekete se le seng se nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e mehlano.


Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.


O tla bua dipuo tse lwantshang Mookamedi ya phahameng, o tla hlorisa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, a be le morero wa ho fetola dinako le molao, mme bahalaledi ba tla neelwa matsohong a hae ka nako, le ka dinako tse nang le lehare la nako.


Mme pono ya mantsiboya le ya hosasa e boletsweng, ke nnete; leha ho le jwalo, wena, o kwahele pono eo, hobane e lebisa mehleng e sa leng hole haholo.


Mme lengolo, ka ho iponela pele hoba Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, le boleletse Abrahama Evangeli eo pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofalla ho wena.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Mosadi a newa dipheo tse pedi tsa ntsu e kgolo, hore a tle a fofele lefeelleng, ditulong tsa hae, moo a fepuwang ka nako e nngwe, le ka dinako, le ho isa mahareng a nako e nngwe, a le hole le noha.


Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos