Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka ntoo bona sebatana se seng sa bobedi se le jwaloka bere, se eme ka lehlakore le le leng, se ena le dikgopo tse tharo molomong wa sona, dipakeng tsa meno a sona, mme ha thwe ho sona: Tloha, o rusolle dinama tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: ‘Ema, o harele nama e ngata!’

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:5
14 Referencias Cruzadas  

Yena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Yaba ho tswa dibere tse pedi tse tshehadi morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e mmedi.


Ho molemo ho kgahlana le tau e nketsweng bana, ho fetisa ho kgahlana le lehlanya bohlanyeng ba lona.


Lona, dibatana tsohle tsa naha, tloong, le je; le lona dibatana tsohle tsa meru!


Jwale, ke ya o senolela nnete. Bona, marena a mararo a sa tla ba teng ho Bapersia, mme wa bone o tla rua leruo le fetisang la a mang kaofela; etlare hobane a iphe matla ka maruo a hae, o tla ipiletsa bongata bohle ho futuhela mmuso wa Bagerike.


Kamora hao, ho tla hlaha mmuso o mong, o monyenyane ho wa hao, ho ntoo ba mmuso o mong wa boraro wa koporo, o tlang ho busa lefatshe lohle.


Peres (karolo): Mmuso wa hao o arotswe, mme o neilwe Bamede le Bapersia.


Sa pele se ne se ka tau, se ena le mapheo a ntsu; ka tadima ho fihlela mapheo a sona a hlojwa, mme sa nkwa fatshe, sa emiswa ka maoto a sona jwaloka motho, sa newa pelo ya motho.


Kamora seo, ha ke boela ke tadima, ka bona sebatana se seng se kang lengau, se ena le mapheo a mane a manong mokokotlong wa sona; sebatana seo se ne se na le dihlooho tse nne, mme sa newa borena.


Ke tla ikakgela hodima bona jwaloka bere e timeletsweng ke bana ba yona, ke harole difuba tsa bona, ke ba jele teng jwaloka tau e tshehadi; dibatana tsa naha di tla ba harola.


Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau; maoto a sona a ne a le jwaloka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwaloka molomo wa tau; mme drakone ya se fa matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos