Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 A bua, a re: Sebatana sa bone ke mmuso o mong wa bone, o tlang ho ba teng lefatsheng, o tla ba hosele ho mebuso e meng kaofela, mme o tla rusolla lefatshe kaofela, o le hatakele, o le silakanye.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 “Monna eo a re: ‘Sebatana sa bone e tla ba mmuso wa bona lefatsheng, o sa tlo tshwana le mebuso e meng yohle. O tla timetsa lefatshe lohle, o le hatakele, o le robokele.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:23
5 Referencias Cruzadas  

Mme mmuso wa bone o tla ba le matla a jwaloka a tshepe; jwaloka tshepe ha e robakanya, e silakanya ntho tsohle, e, jwaloka tshepe e thuhang, o tla robakanya, o silakanye ntho tsohle jwalo.


ho fihlela Moholo wa matsatsi a ba a fihla, mme ho ahlolelwa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, le ho fihla mohla bahalaledi ba amohelang mmuso.


Manaka a leshome ke marena a leshome, a tlang ho tswalwa mmusong oo; e mong o tla hlaha kamora wona, ya hosele ho a pele, mme o tla kokobetsa marena a mararo.


Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.


Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos