Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 6:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba morena o thaba ka ho fetisisa, mme o laela hore Daniele a nyollwe lemeneng. Daniele a nyollwa lemeneng, mme ha ho a ka ha fumanwa le leqebanyana ho yena, hobane a ne a itshepetse Modimo wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Kgosi ya thaba haholo, mme ya laela hore Daniele a ntshwe ka mokoting o moholo wa ditau. Yaba Daniele wa ntshwa, mme a fumanwa a se na le mongwaponyana feela, hobane o ne a tshepa Modimo wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:23
18 Referencias Cruzadas  

Eitse Hirame ha a utlwa polelo tsa Salomone, a thaba haholo, a re: Ho bokwe Jehova kajeno, hobane o neile Davida mora ya bohlale ho busa setjhaba seo se seholo.


Ba ya ba tlatsitswe, mme Bahagarene ba neelwa matsohong a bona, le bohle bao ba neng ba na le bona; hobane bao ba ne ba howeleditse ho Modimo ba le ntweng, mme wa ba utlwa, ke hobane ba ne ba beile tshepo ya bona ho wona.


Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.


Hobane ke bolokile ditsela tsa Jehova, mme ha ke a ka ka kwenehela Modimo wa ka.


Jehova o a ba thusa, o a ba boloka; o ba namolela ho ba babe, o a ba pholosa, kahobane ba beile tshepo ya bona ho yena.


Jethro a itumela ka baka la molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Iseraele, ha a ba namoletse letsohong la Baegepeta.


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile.


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


Ba araba, ba re ho morena: Ho jwalo, morena! A bua, a re: Bonang, ke bona batho ba bane ba tsamaya hara mollo ba lokolohile, ha ho bonahale tshenyeho ho bona, mme e mong wa bona o bonahala jwaloka hoja e le mora wa medimo.


Morena ha a utlwa taba eo, a hlomoha haholo, a rera le pelo ya hae ho namolela Daniele; a nna a leka ho mo pholosa, letsatsi la ba la dikela.


Morena a ntoo ikela tlung ya hae ya borena, a hlola bosiu a itima dijo; ha a ka a dumela hore ho tliswe serethe ho yena, mme a hlobaela.


Jesu a re ho yena: O reng ha o re, ha nka tseba ho thusa? Dumela: tsohle di ka etsetswa ya dumelang.


Bao bohle ka tumelo ba hlotse marena, ba sebeditse ho loka, ba ruile dipallo, ba thibile melomo ya ditau;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos