Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 5:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 a lelekiswa hara bana ba batho, pelo ya hae ya etswa e tshwanang le ya phoofolo, a dula le dipitsi tsa naha, a fula jwang jwaloka kgomo, mme mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela nako eo a tsebileng ka yona hoba Modimo o hodimodimo ke wona o nang le mmuso hodima borena ba batho, le hoba o bea eo o ratang ho mmea ho jona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 E ile ya lelekwa hara batho, mme pelo ya yona ya tshwana le ya dibatana; ya phela le ditonki tsa naha, ya eja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa yona wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela e tseba hore Modimo ya hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:21
15 Referencias Cruzadas  

Ke mang ya lokolotseng pitsi, ya lokolotseng ditlamo tsa pitsi e hlaha,


Mme difate tsohle tse naheng di tla tseba hoba ke nna Jehova ke kokobeditseng sefate se selelele, ke phahamisitseng sefate se kokobetseng, ke omeleditseng sefate se setala, ke medisitseng sefate se omeletseng. Ke nna Jehova ke bolelang hoo, ke bileng ke tla ho etsa.


A howa ka lentswe le phepa, a bolela, a re: Remang sefate, le hlaphole makala a sona; fohlang mahlaku a sona, le hasakanye ditholwana tsa sona, diphoofolo di balehele moriti wa sona, dinonyana tsa lehodimo di tlohe makaleng a sona.


Kahlolo eo e beilwe ke balebedi, morero oo o tswa taelong ya bahalaledi; hore ba utlwang ba tsebe hoba Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ya fetisang ka bonyenyane.


seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.


O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


Ha e le taba e itseng: Ho siuwe kutu ya metso ya sefate, ke ho re, o tla buselletswa borena ba hao, ha o setse o tsebile hoba ya busang o teng lehodimong.


Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos