Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Belshatsare ha a se a nwele veine, a laela hore ho tliswe mehope ya kgauta le ya silefera eo ntatae Nebukadnesare a neng a e hapile tempeleng ya Jerusalema, hore morena, le mahosana a hae, le basadi ba hae, le dinyatsi tsa hae, ba nwe ka mehope eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ha Beleshasare a ntsa enwa veine, a laela hore dinwelo tsa kgauta le tsa silefera, tseo ntatae Nebukadenesare, a neng a di nke ka Tempeleng e neng e le Jerusalema, di tliswe, e le hore kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba tle ba nwele ho tsona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:2
23 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.


A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Le dipane, le dipitsana, hohle hoo e leng kgauta e hlwekileng le silefera e hlwekileng, tsa nkwa ke molaodi wa bahlabani ba morena.


A ntoo nka Maaka, moradi wa Absalome; eo a mo tswalla Abija, Attai, Sisa le Shelomithe.


Esita le Maaka, mmae, morena Asa a mo ntsha sefumahading, kahobane a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho sa hae, a se sila phofo, mme a se tjhese molatswaneng wa Kedrone.


Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona.


Esita le mesebetsi ya kgauta le ya silefera ya ntlo ya Modimo, e neng e ntshitswe tempeleng ya Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a ya le yona, a e bea tempeleng ya Babilona, morena Siruse a e ntsha tempeleng ya Babilona, mme a e busetsa ho ya bitswang Sheshebatsare, ya beilweng mmusisi ke yena.


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


Lerumo le hodima Bakalde, ho bolela Jehova, le hodima baahi ba Babilona, le hodima marena a hae, le hodima ba bohlale ba hae.


hape, molaodi wa balebedi a ya le mehope, le dipane, le mafiso, le dipitsa, le dikandelare, le dijana, le mafiswana; seo e leng sa kgauta a se nka ka ho re ke kgauta; seo e leng sa silefera a se nka ka ho re ke silefera.


Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.


Motho o teng mmusong wa hao eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; mehleng ya ntatao ho ne ho fumanwe ho yena lesedi, kelello le bohlale bo kang bohlale ba medimo; mme ntatao, morena Nebukadnesare, ntatao, morena, o ne a mmeile hlooho ya dinohe, le ya baupelli, le ya Bakalde, le ya balepi ba dinaledi,


Yaba Daniele o tliswa pela morena. Morena a bua, a re ho Daniele: A ke wena Daniele wa batshwaruwa ba Bajuda bao morena ntate a ba ntshitseng Juda na?


Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;


o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.


Yaba ho tliswa mehope ya kgauta e hapilweng tempeleng, tlung ya Modimo, Jerusalema, mme morena, le mahosana a hae, le basadi ba hae, le dinyatsi tsa hae, ba enwa ka mehope eo.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Ba enwa veine, ba ba ba roka medimo ya bona ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe.


Kabelo ya hae ya eba mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le mashome a mararo; le morifi wa silefera wa dishekele tse mashome a supileng, e leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos