Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 4:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Mehleng eo, tsebo ya kgutlela ho nna ka kgutlela kganyeng ya mmuso wa ka, le boholong ba ka, le bokgabaneng ba ka; matona a ka le mahosana a ka a tla ho ntata, ka boela ka bewa boreneng ba ka, ka ekeletswa le boholo bo fetisang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 “Ka yona nako eo, kelello ya ka ya botho ya kgutla, mme boitlhompho ba ka le bokgabane ba ka ba boela ho nna hore puso ya ka e boele e tlotlehe. Baeletsi ba ka le mahosana a ka a mpatla, ka busetswa tulong sa ka sa bokgosi, mme ka tlotleha le ho feta pele.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 4:36
11 Referencias Cruzadas  

Mantswe a eletsang a lona ke dithole feela. Qhobosheane tsa lona ke diqhobosheane tsa mobu.


Moputso wa boikokobetso le wa ho tshaba Jehova ke leruo, le kganya, le bophelo.


Morena, o ne o tadima, mme hang, ha hlaha setshwantsho se seholohadi; setshwantsho seo se ne se fetisisa ka boholo, se phatsima ka mokgwa o makatsang; se ne se eme pela hao, ponahalo ya sona e ne e tshabeha.


seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.


o tla lelekwa hara batho, o ahe le diphoofolo tsa naha: o tla fuwa jwang jwaloka kgomo, o bo je, mme ngwaha o tla feta hasupa hodima hao, ho fihlela o ba o tseba hore Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba batho; le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;


Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos