3 Yaba ho phutheha mahosana, le marena, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi kaofela ba dinaha tse kamathoko, ho tla kgakolong ya setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng, mme ba ema pela setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.
3 Yaba mahosana, le babusisi, le balaodi le Baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, ba phutheha bohle ho tla kgakola setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse. Ba fihla ba ema kapele ho setshwantsho seo Nebukadenesare a neng a se emisetse.
Morena Nebukadnesare a romela ho phutha mahosana, le marenana, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo a hae, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi bohle ba dinaha tse kamathoko, hore ba itlhahise moketeng wa ho kgakola setshwantsho se emisitsweng ke morena Nebukadnesare.
Mme mahosana, le marenana, le babusi, le baeletsi ba morena, ba phutheha, mme ba bona hoba mollo ha o a ka wa eba le matla mmeleng ya bona le hanyenyane, le hoba moriri wa dihlooho tsa bona ha o a ka wa tlaboha, leha e le dikobo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le hoba lephoka la mollo ha le yo ho bona.
Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.