Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 “Ka baka leo, ke laela hore batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ka nyefolang Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tsekollwe, matlo a bona a fetolwe masupi, hobane ha ho modimo e mong ya ka pholosang ka mokgwa ona.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:29
17 Referencias Cruzadas  

Ba bolaya le seemahale sa Baale, ba qhaqha ntlo ya Baale, ba e etsa mohlaba le kajeno.


Ke laela hape e le nna, ke re, ha lentswe lena la ka le ka kgeloswa ke motho, ho ke ho rutlwe sefate tlung ya hae, a emiswe, a kgokgothelwe ho sona, mme ka molato oo ntlo ya hae e ke e fetolwe thotobolo ya moitedi.


Poloko e tswa ho Jehova! Lehlohonolo la hao ha le ke le be hodima setjhaba sa hao. (Sela.)


Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.


Morena a buisana le bona; hara bona kaofela ha ho a ka ha fumanwa e mong ya lekanang le Daniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria, mme ba kena tshebeletsong ya morena.


Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.


Yaba Daniele o ya tlung ya hae, a tsebisa Hanania le Mishaele le Asaria, balekane ba hae, kamoo taba di dutseng kateng,


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


Daniele a kopa ho morena, mme a bea Shadrake le Meshake le Abede-Nego, ba tle ba sebetse tsa naha ya Babilona; ha e le Daniele, a ba monyakong wa morena.


Morena a araba, a re ho Bakalde: Taba eo e se e mphonyohetse. Ha le sa ntsebise toro le kwahollo ya yona, le tla pongwa dikoto, matlo a lona a etswe qubu ya moitedi.


Jwale, ho na le banna ba Bajuda, bao o ba beileng ho busa dinaha tse ka mathoko, boShadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ha ba re letho ka wena, morena, ha ba sebeletse medimo ya hao, ha ba kgumame pela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!


Mme Daniele a nna a atleha mmusong wa Dariuse, le mmusong wa Siruse, Mopersia.


Hobane lefika la bona ha le jwaloka Lefika la rona; esita le bao e leng dira ho rona, ba ka ahlola jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos