Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mme mahosana, le marenana, le babusi, le baeletsi ba morena, ba phutheha, mme ba bona hoba mollo ha o a ka wa eba le matla mmeleng ya bona le hanyenyane, le hoba moriri wa dihlooho tsa bona ha o a ka wa tlaboha, leha e le dikobo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le hoba lephoka la mollo ha le yo ho bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Mahosana le babusisi le balaodi le baeletsi ba kgosi ba ba bokanela, mme ba bona hore mollo ha o a ba etsa letho mmeleng, leha e le ho tlabola qoba ya moriri wa bona. Diaparo tsa bona di ne di sa tjha, le monko wa ho tjheswa ke mollo o sa utlwahale.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:27
17 Referencias Cruzadas  

A ya, a fumana setopo se namaletse tseleng, esele le tau di eme pela setopo; tau e ne e sa ka ya eja setopo; e ne e sa ka ya robokela le esele.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.


Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Yaba batho bao ba tlangwa le dihempe tsa bona, le dikojwana tsa bona, le dikobo tsa bona, le diaparo tse ding tsa bona, ba ntoo akgelwa seboping sa mollo o bohale.


Yaba morena o thaba ka ho fetisisa, mme o laela hore Daniele a nyollwe lemeneng. Daniele a nyollwa lemeneng, mme ha ho a ka ha fumanwa le leqebanyana ho yena, hobane a ne a itshepetse Modimo wa hae.


Morena Dariuse, phela ka ho sa feleng! Mahosana a mmuso kaofela, le marenana, le babusi, le baeletsi, le matona, ba dumellane ho ngola molao wa borena, le ho etsa taelo e tiileng, e bolelang hore e mong le e mong ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, a akgelwe lemeneng la ditau.


Esita le qoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela.


Hobane le yena morena o a di tseba taba tseo, mme ke di bolela ho yena phatlalatsa, kahobane ke a kgolwa hore ha ho e nngwe ya tsona e mo siretseng; hobane ha ho letho tabeng tseo le entsweng sephiring.


Ke a le kgothatsa, ke re, le je dijo; ke hona ho le tshwanelang hore le bolokehe; hobane ha ho le a mong ho lona ya tla lahlehelwa ke qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae.


ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos