Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jwale, ho na le banna ba Bajuda, bao o ba beileng ho busa dinaha tse ka mathoko, boShadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ha ba re letho ka wena, morena, ha ba sebeletse medimo ya hao, ha ba kgumame pela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ho na le Bajuda ba bang, bao o ba beileng hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, e leng bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego; banna bana, kgosi, ha ba o natse. Ha ba sebeletse medimo ya hao, leha e le ho kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:12
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Hamane o re ho morena Assueruse: Ho na le setjhaba se seng, se qhalaneng, se hasaneng hara ditjhaba tse dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao; melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding; ha ba ye ka melao ya morena; ha ho lokele hore morena a ba tlohele ba iketlile.


Bohale bo soro, hlonamo ke ho tlala ha noka; haele lefufa, ke mang ya tla ema pela lona?


Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.


Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.


Daniele a kopa ho morena, mme a bea Shadrake le Meshake le Abede-Nego, ba tle ba sebetse tsa naha ya Babilona; ha e le Daniele, a ba monyakong wa morena.


leha e ka ba mang ya sa tlong ho kgumama a rapela, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale.


Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba araba taba eo, ba re ho morena Nebukadnesare: Ha re a tshwanela ho o arabela letho tabeng ena.


Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.


Ho tloha nakong yona eo, morena a ntshetsa Shadrake le Meshake le Abede-Nego pele boreneng ba naha ya Babilona.


Yaba ba araba, ba re ho morena: Daniele, e mong wa batshwaruwa ba tswang Juda, ha a re letho ka wena, morena, leha e le ka molao o ngodilweng ke wena; empa o rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.


Morena ha a utlwa taba eo, a hlomoha haholo, a rera le pelo ya hae ho namolela Daniele; a nna a leka ho mo pholosa, letsatsi la ba la dikela.


Jasone o ba amohetse, athe kaofela ha bona ba etsa tse lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.


a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos