Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 2:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 O sa robetse, morena, o ne o hlahelwe ke mehopolo ya tse tla etsahala mehleng ya morao; ya senolang diphiri o o tsebisitse tse tlang ho tla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 “Wena kgosi, ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, o ile wa nahana tse tlang ho etsahala hamorao, mme ya senolang diphiri a o tsebisa tse tlang ho etsahala.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:29
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Josefa o re ho Faro: Toro ya Faro e nngwe. Modimo o tsebisitse Faro seo o yang ho se etsa.


Morena Jehova o re: Tsatsing leo, mehopolo e tla nyoloha pelong ya hao, o tla qapa morero o mobe,


O bea tse tebileng le diphiri pepeneneng; o tsebisisa se lefifing, lesedi le ahile ho wona.


Modimo wa bontate, ke a o leboha, ke a o rorisa, hobane o mphile bohlale le matla, le hobane o ntshenoletse seo re se kopileng ho wena, ha o fedile wa re senolela taba eo ya morena.


Empa Modimo o teng lehodimong o senolang diphiri, mme o tsebisitse morena Nebukadnesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla. Toro ya hao le dipono tse itlhahetseng moyeng wa hao ha o ne o robetse, ke tsena:


jwalokaha o bone lejwe ha le kgephoha thabeng e seng ka matsoho a motho, le robaka tshepe, koporo, letsopa, silefera le kgauta. Modimo o moholo o tsebisitse morena se tlang ho etsahala kamorao ho mehla ena; toro ke ya nnete, mme kwahollo ya yona e tiile.


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


Hobane bona, ya hlodileng dithaba, ya entseng moya, ya tsebisang motho tse hopotsweng ke yena, ya fetolang meso lefifi, ya tsamayang hodima diphahama tsa lefatshe, lebitso la hae lona ke Jehova, Modimo wa makgotla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos