Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Daniele a re: Ho bokwe lebitso la Modimo kamehla le mehla, hobane efela o na le bohlale le matla!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Daniele a bua, a re: “Ho bokwe lebitso la Modimo, le bokwe kamehla, hobane bohlale ke ba hae, le matla ke a hae.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:20
25 Referencias Cruzadas  

Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao! Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle.


Ho bokwe Jehova ya phomoditseng setjhaba sa hae sa Iseraele ka tsohle tseo a di boletseng; ha ho a senyeha lentswe leha le le leng la dipallo tsohle tse molemo tseo a di boletseng ka Moshe, mohlanka wa hae.


Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.


A etsa morero le setjhaba; yaba o bea dibini tse tla binela Jehova di apere ka bokgabane bo kgethehileng, di eteletse makgotla pele, di re: Bokang Jehova, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!


Balevi, Joshua, Kadmiele, Bani, Hashabnia, Sherebia, Hodia, Shebania, le Pethahia, ba re: Emang, le boke Jehova, Modimo wa lona, ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Ho bokwe lebitso la hao le kganyang, mme le phahamiswe ho feta dipoko tsohle le dithoko tsohle!


Ho wona Modimo ho dutse bohlale le matla; o na le kelello le kutlwisiso.


Bokang Jehova! Rorisang, lona bahlanka ba Jehova, rorisang lebitso la Jehova!


Ho bokwe lebitso la Jehova jwale le ka ho sa yeng kae!


empa rona, re tla boka Jehova, jwale le ho isa ho bo sa feleng! Bokang Jehova!


Morena wa rona o moholo, matla a hae a maholo ka ho fetisisa; kutlwisiso ya hae ha e na ho lekanngwa.


Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho tloha ho bo sa qaleng, ho isa ho bo sa feleng! Amen, e, amen!


Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.


Modimo o boletse hang, mme ke utlwile habedi, ha ho thwe: Matla ke a Modimo;


keletso le hlalefo ke tsa ka, le wona masene le matla a ho nna.


O moholo mererong, o matla diketsong, mahlo a hao a shadima mekgwa yohle ya bana ba batho, ho busetsa ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana tsa diketso tsa hae;


bona, o hlalefile ho feta Daniele, ha ho lekunutu le patehileng ho wena;


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,


A ne a re ka lentswe le phahamileng: Konyana e neng e hlajwe e loketse ho nka borena, le monono, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le teboho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos