Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jwale, ke ya o senolela nnete. Bona, marena a mararo a sa tla ba teng ho Bapersia, mme wa bone o tla rua leruo le fetisang la a mang kaofela; etlare hobane a iphe matla ka maruo a hae, o tla ipiletsa bongata bohle ho futuhela mmuso wa Bagerike.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Jwale ke tla o bolella nnete. Bona mona, ho sa tla ba teng hape dikgosi tse tharo naheng ya Peresiya. Ya bone e tla rua ho di feta kaofela. Ka baka la matla a yona a tswalwang ke maruo a yona, e tla hlohleletsa tse ding tsohle ho tsohela mmuso wa Bagerike matla.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:2
17 Referencias Cruzadas  

Yaba mosebetsi wa ntlo ya Modimo o Jerusalema o a ema; wa ema ho isa lemong sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, morena wa Persia.


Hape, mehleng ya Artakserksese, Bishlame, le Mithredathe, le Thabeele, le balekane ba bang ba bona, ba ngolla Artakserksese, morena wa Persia; lengolo le ne le ngodilwe ka dihlaku tsa Searame, hape le ngodilwe ka puo oa Searame.


Mehleng ya Assueruse, — ke Assueruse eo ya neng a busa dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ho tloha India ho ya fihla Ethiopia, —


ho o ruta dipolelo tsa nnete, o tle o tsebe ho araba ka nnete ho ba o romileng?


Ka selemo sa boraro sa Siruse, morena wa Persia, lentswe la senolelwa Daniele, ya reilweng lebitso la Beltsatsare; lentswe leo ke nnete, le bolela tsietsi e kgolo; a ela tshenolo eo hloko, a utlwisisa pono.


Mme o tla ipha matla, a tiye pelo ho futuhela morena wa Borwa ka makgotla a mangata, mme morena wa Borwa o tla futuha ka makgotla a maholo a fetisang ka matla, empa a ke ke a tiya, hobane ba tla loha mano ho mo senya.


Ka ntoo bona sebatana se seng sa bobedi se le jwaloka bere, se eme ka lehlakore le le leng, se ena le dikgopo tse tharo molomong wa sona, dipakeng tsa meno a sona, mme ha thwe ho sona: Tloha, o rusolle dinama tse ngata.


phooko, ke morena wa Bagerike, mme lenaka le lelelele le dipakeng tsa mahlo a yona ke morena wa pele.


Mme pono ya mantsiboya le ya hosasa e boletsweng, ke nnete; leha ho le jwalo, wena, o kwahele pono eo, hobane e lebisa mehleng e sa leng hole haholo.


Ka bona pheleu e thulela bophirimela, le leboya, le borwa, ho se phoofolo e ka emellanang le yona, ho se motho ya ka namolelang matleng a yona; ya etsa kamoo e ratang kateng, ya natlafala.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


Ekare ha molao o bitsitse medimo bao lentswe la Modimo le tletseng bona, athe Lengolo ha le na ho tlolwa,


Jwale ya dutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A ntoo re ho nna: Ngola; hobane dipolelo tseo di tiile; ke tsa nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos