Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme morena wa Leboya o tla tla, a hahe marako a phahamileng, a ikgapele motse o qhobosheane, mme makgotla a Borwa a ke ke a ema, le mokgetho wa wona o ke ke wa eba le matla a ho tiya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Kgosi ya Siria e tla fihla e hahe marako a phahameng ho potapota metse e haheleditsweng, mme e e hape. Bahlabani ba Egepeta ba ke ke ba ema kapele ho kgosi ya Siria, esita le mokgetho wa Egepeta o tla fellwa ke matla.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:15
11 Referencias Cruzadas  

Hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa matlo a motse le bakeng sa matlo a marena a Juda, a tlang ho qhaqhwa ka ditutudu le ka dibetsa:


Hlwellang marakong a hae, le ripitle, empa e se be ho a fedisetsa ruri; fotholang merara ya hae, hobane hase ya Jehova.


Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.


Hobane Jehova wa makgotla o re: Remang difate, le tsosetse Jerusalema tutudu; ke oo motse o tshwanetseng ho kgalemelwa; kahare ho wona ho tletse botubo.


Esita le Faro, a ke ke a tla mo lwanela ka sera se seholo, leha e le ka setjhaba se sengata, ha ho etswa ditutudu, mme ho hahuwa lerako le potang, hore ho tle ho bolawe batho ba bangata.


o be o o thibelle, o o hahele lerako le o teelang hare, o o etsetse sefika, o o hlomele diahelo, o be o bee dipheleu, o o teele hare ka tsona.


Mehleng eo, ba bangata ba tla tsohela morena wa Borwa matla, mme bahale ba setjhaba sa hao ba tla ikgantsha, ba tle ba phethe pono eo, empa ba tla wa.


Kamora dilemo tse ding, ba tla etsa selekane, mme moradi wa morena wa Borwa o tla kena tlung ya morena wa Leboya ho lokisa ditaba. Empa matsoho a hae a ke ke a tiya; o tla sitwa ho tiya, leha e le yena, leha e le matsoho a hae, empa o tla neelwa lefu, yena le ba mo tlisitseng, le ya mo tswetseng le ya mo tsheheditseng, mehleng eo.


Ka e bona e teana le pheleu, e e halefetse: ya thesela pheleu, ya e kgorola dinaka tse pedi tsa yona; mme matla a hlokahala pheleung a ho emellana le yona ya e lahlela fatshe, ya e hatakela, ho se motho ya e namolelang matleng a yona.


Ha ho motho ya tla tiya pela hao, ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hao; ke tla ba le wena, jwalokaha ke bile le Moshe; nke ke ka o tlohela, leha e le ho o lahla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos