Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka sala ke nnotshi, ka bona pono eo e kgolo, ka ba ka fellwa ke matla, mme sefahleho sa ka sa hlwenya, ka omella.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ka baka leo, ka sala ke le inotshi, ke bohile pono e kgolo, mme ka fellwa ke matla, tshobotsi ya ka ya fetoha, ka tsherema mangwele.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 10:8
15 Referencias Cruzadas  

Letsatsi la mo tjhabela, ha a re o feta Peniele, mme a hlotsa noka ya hae.


Moshe a re: A nke ke fapohele, ke shebe pono ena e kgolo, ke tle ke bone hore ke ka baka lang ha sehlahla se sa tjhe.


Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla.


Na mohlanka wa morena ka a ka bua jwang le morena ka? Ebile moo ke fellwang ke matla, ka sitwa ke ho ntsha moya.


Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.


Yaba nna Daniele, ke wa ke idibane, ka kula ka ditshiu tse ding; ka ntoo tsoha, ka tshwara mesebetsi ya morena, ke ntse ke maketse ke pono eo, eo ho seng motho ya neng a ka e utlwa.


Ka e bona e teana le pheleu, e e halefetse: ya thesela pheleu, ya e kgorola dinaka tse pedi tsa yona; mme matla a hlokahala pheleung a ho emellana le yona ya e lahlela fatshe, ya e hatakela, ho se motho ya e namolelang matleng a yona.


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


Barutuwa ha ba utlwa lentswe, ba wa ka difahleho tsa bona, ba tshohile haholo.


Hobane o ne a sa tsebe seo a se bolelang, etswe ba ne ba tshohile haholo.


Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna.


Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos