Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 10:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Na mohlanka wa morena ka a ka bua jwang le morena ka? Ebile moo ke fellwang ke matla, ka sitwa ke ho ntsha moya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Nna mohlanka wa hao, nka bua jwang le wena? Ke feletswe ke matla, ke sitwa le ho phefumoloha.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 10:17
11 Referencias Cruzadas  

le re: Mohlanka wa hao Jakobo ke enwa ya tlang kamora rona. Hobane o ne o re: Ke tla mo thethefatsa ka nyehelo e nketellang pele, ke ntoo bona sefahleho sa hae; ekaba o tla nkamohela.


Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.


Ka sala ke nnotshi, ka bona pono eo e kgolo, ka ba ka fellwa ke matla, mme sefahleho sa ka sa hlwenya, ka omella.


Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.


Athe yena Davida o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.


Kahoo, Gideone a bona hobane ke lengeloi la Jehova. Gideone a re: Ho madimabe nna, Monghadi Jehova, hobane ke bone lengeloi la Jehova, re tadimane difahleho le lona!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos