Tsatsing leo, molomo wa hao o tla bua ha ho fihla ya phonyohileng; o tla bua, ha o sa tla ba semumu, mme ho bona o tla ba pontsho ya tse tla tla, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.
Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.
Ka utlwa modumo wa dipolelo tsa hae; eitse ha ke utlwa modumo wa dipolelo tsa hae, ka idibana, ka wela fatshe ka sefahleho, mme sefahleho sa ka sa ama fatshe.
Mme bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao ditaba tseo di tla etsahala ka wona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ya tsona.