Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha le fela le shwele le Kreste ka nqa ya ditaba tsa qalo tsa lefatshe, ana le sa bofellwang ka mekgwa, jwaloka hola le sa phela lefatsheng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Erekaha le shwele le Kreste, mme le lokolotswe matleng a meya e busang lefatshe, ho ya kang ha le ntse le phela jwaloka hoja le ba lefatshe lee, le ntse le hlompha ditaelo tse kang tsena:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Ha ho le jwalo, ha le shwele le Kreste ho tloha ho tsa pele tsa lefatshe, ke ka baka lang le ipea tlasa melao, jwaloka hoja le phela lefatsheng?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ha ho le jwalo, ha le shwele le Kreste ho tloha ho tsa pele tsa lefatshe, ke ka baka lang le ipea tlasa melao, jwaloka hoja le phela lefatsheng?

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:20
19 Referencias Cruzadas  

Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.


Hobane leha re tsamaya re le nameng, ha re lwane ka nama;


Ka mokgwa o jwalo, le rona, enere ha re sa le bana, re ne re le pusong ya taba tsa qalo tsa lefatshe.


Haele nna, ho ithorisa ho be hole le nna, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka yena lefatshe le thakisitsweng ka nqeng ya ka, le nna ke thakigisitsweng ka nqeng ya lefatshe.


O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;


o hlakotse lengolo la molato la melao e neng e re qosa, mme o le fedisitse ka ho le kgokgothella sefapanong.


Ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ya ho ja le ya ho nwa, leha e le tabeng ya mekete, le ya dikgwedi tse ntjha, le ya disabatha,


ha ho thwe: O se ke wa ja; o se ke wa latswa; o se ke wa ama?


Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.


Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.


Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.


Re a tseba hoba re tswetswe ke Modimo le hoba lefatshe lohle le rapaletse katlase ho e mobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos