Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 hobane ho tsejwa hoba Morena wa rona o hlahile lelokong la Juda, e leng leo Moshe a sa kang a le abela boprista.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Gobane go molaleng gore Morena wa rena o tšwetše Juda; leloko leo Moshe a sa kang a bua letho ka lona mabapi le boprista.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Gobane go molaleng gore Morena wa rena o tšwetše Juda; leloko leo Moshe a sa kang a bua letho ka lona mabapi le boprista.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 7:14
22 Referencias Cruzadas  

Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.


Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;


Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Mme ho ntlhahela kae ha ke etelwa ke mma Morena ka?


wa Aminadabe, wa Arame, wa Esrome, wa Farese, wa Juda,


A re ho yena: Mosadi, o llelang? A re ho wona: Ke kahobane ba tlositse Morena ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.


Thomase a araba, a re ho yena: Morena wa ka le Modimo wa ka!


ha o lekanya Mora wa wona, Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswileng lelokong la Davida ka nama;


Mme wena motho, o ahlolang ba etsang tse jwalo, athe le wena o a di etsa, hleka o hloma ekaba wena o tla phema kahlolo ya Modimo na?


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tshenyehelo, ha di ka bapiswa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, mme ke di etsa dithole, ke tle ke rue Kreste;


Mme efela ya lekanngwang ka taba tseo ke wa leloko lesele le sa kang la eba le motho ya sebetsang aletareng;


Mme moo hoo ho boetseng ho bonahalang ka ho fetisisa, ke ha ho hlahile moprista e mong hape ya tshwanang le Melkisedeke;


Ke nna Jesu ke romileng lengeloi la ka ho le pakela ditaba tseo dikerekeng. Ke nna motso le moloko wa Davida, naledi e kganyang ya meso.


Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos