Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hape, ha ho motho ya ka inkelang kabelo eo e hlomphehang, haese ya e bileditsweng ke Modimo, jwaloka Aarone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ha ho ya ka inkelang tlotla eo, hobane motho o bitswa ke Modimo, jwaloka Arone.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ha ho motho ya inkelang tlotla eo, haese ya bitsitsweng ke Modimo, jwaloka Arone.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ha ho motho ya inkelang tlotla eo, haese ya bitsitsweng ke Modimo, jwaloka Arone.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 5:4
16 Referencias Cruzadas  

Bara ba Amrame ke Aarone le Moshe; Aarone yena a kgethwa, hore a tle a halaletswe ka ho sa feleng ka kgalalelo e fetisang, e le yena le bara ba hae, mme ba tjhese dibano pela Jehova, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae ka ho sa feleng.


ba hanela morena Osiase, ba re ho yena: Ha o na tokelo, Osiase, ya ho tjhesetsa Jehova dibano; ke ya baprista, bara ba Aarone, ba kgethetsweng ho di tjhesa. Tswa sehalalelong, hobane o sitilwe, mme ka hona o ke ke wa bona sebaka sa boithoriso ho Jehova Modimo.


mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.


O atametse Aarone, moholwane wa hao, pela hao, a tle le bara ba hae, ba kgethwe ho bana ba Iseraele, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka: e be Aarone, le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Ithamare, bara ba Aarone.


Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


O o atameditse ho wona, wena le banabeno kaofela, bara ba Levi, hammoho le wena; ha ho le jwalo, le tsekelang boprista na?


Ha tswa mollo ho Jehova, wa timeletsa banna bao ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba neng ba hlahisa dibano.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.


le kenye mollo ho tsona, le tshele dibano ho tsona pela Jehova, hosasane, mme monna eo Jehova a tla mo kgetha e tla ba yena ya kgethilweng; ho lekane, bara ba Levi.


Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Ke wona ao mabitso a bara ba Aarone, baprista ba tlotsitsweng, ba kgethetsweng mosebetsi wa boprista.


Johanne a araba, a re: Motho o sitwa ho nka letho, ha a sa le newe ke lehodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos