Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bakeng seo, re na le taba tse ngata tseo re ka di bolelang, empa di thata ho hlaloswa, ka hobane le fetohile ba botswa ho mameleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Di ngata tseo re ka di bolelang ka taba ena, empa ho thata ho le hlalosetsa tsona, hobane le lenama ho mameleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Re na le ditaba tse ngata tseo re ka di bolelang ka yena, tse thata ho bolelwa, kahobane le ba botswa ho utlweng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Re na le ditaba tse ngata tseo re ka di bolelang ka yena, tse thata ho bolelwa, kahobane le ba botswa ho utlweng.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 5:11
12 Referencias Cruzadas  

Mofumahadi wa Sheba a re a sa utlwa botumo ba Salomone bo hlahileng ka lebitso la Jehova, a tla ho mo leka ka dilotho.


Nontsha pelo tsa batho bao, o thatafatse ditsebe tsa bona, o ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, ba se utlwe ka ditsebe, dipelo tsa bona di se elellwe, ba se ke ba baka, ba fola.


Hobane pelo ya setjhaba sena e nonne; ditsebe tsa bona di utlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwa ka ditsebe, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.


A re ho bona: Ho ya kang, ha le sa utlwisise?


Yaba o re ho bona: Jo! batho ba se nang kutlwisiso, ba pelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta!


Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela.


O ne a bua jwalo ka ho mo leka, hobane a ne a tseba seo a tla se etsa.


Hobane pelo ya setjhaba seo e nonne, ditsebe tsa sona di thata ho utlwa, se tutubaditse mahlo a sona; se tle se se ke sa bona ka mahlo, sa utlwa ka ditsebe, sa utlwisisa ka pelo, sa baka, mme ke tle ke se ke ka se fodisa.


mme Modimo o mmoletse hore ke moprista e moholo, ka mokgwa wa Melkisedeke.


Hobane ekabeba ke kgale le le baruti, athe le sa ntse le tshwanelwa ke ho rutwa ditaba tsa bonyenyane, tseo taba tsa Modimo di qalwang ka tsona; mme le fetohile batho ba tshwanelwang ke ho fepjwa ka lebese, e seng ka dijo tse tiileng.


jwalokaha a ngola mangolong a hae wohle, moo a bolelang tse jwalo; empa ho wona ho na le ditaba tse ding tse thata, tseo ba sa rutehang le ba tetemang ba di kgopamisetsang tahleho ya bona, jwalokaha ba etsa mangolo a mang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos