Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme ke ho bomang o kileng wa hlapanya hore ba ke ke ba kena phomolong ya wona, haese ho ba ikgantshitseng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ke bafe bao a ileng a ba hlapanyetsa hore ba ke ke ba kena phomolong ya hae le ka mohla, haese batho bao ba neng ba hana ho mamela?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Ke bomang bao a ba hlapanyeditseng hore ba ke ke ba kena phomolong ya hae, haese ba sa kang ba dumela?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ke bomang bao a ba hlapanyeditseng hore ba ke ke ba kena phomolong ya hae, haese ba sa kang ba dumela?

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 3:18
16 Referencias Cruzadas  

hobane ba sa ka ba dumela ho Modimo, ba sa ka ba tshepa thuso ya wona.


Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?


ruri, ha ho le a mong ho bona ya tla bona lefatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona hore ke tla ba nea lona. Ha ho le a mong ho ba nnyedisitseng ya tla le bona.


haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


banna bao ba neng ba nyatsitse naha, ba eshwa pela sefahleho sa Jehova ka lefu la sewa.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Kahobane le sa ka la dumela ho nna, la nkgalaletsa mahlong a bana ba Iseraele, le ke ke la finyeletsa phutheho ena lefatsheng leo ke le neileng lona.


Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.


Hobane jwalokaha le lona pele le ne le sa dumele Modimo, athe jwale le hauhetswe ka baka la ho se dumele ha bona,


Le mohla re leng Kadeshe-Barnea, ha Jehova a le roma, a re: Nyolohang, le rue lefatshe leo ke le neileng lona, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona; ha le a ka la mo tshepa, mme ha le a ka la etsa ka lentswe la hae.


Ke moo ke hlapantseng kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka!


A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.


Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.


Jwale, haele moo ba bang ba tla kena ho yona, athe ba boleletsweng Evangeli pele ha ba ka ba kena ke ho se dumele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos