Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 3:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Na ba le utlwileng, ba ba ba o phephetsa, ke bafe? Na hase bohle ba tlohileng Egepeta ka Moshe?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Jwale ke bafe ba ileng ba le utlwa, mme ba mo fetohela? Na hase bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba tsamaiswa ke Moshe?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Hobane ba bang, ha ba utlwa, ba phephetsa, empa hase bohle ba tsoileng Egepeta ka Moshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Hobane ba bang, ha ba utlwa, ba phephetsa, empa hase bohle ba tsoileng Egepeta ka Moshe.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 3:16
18 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ba nna ba o sitelwa, ba nna ba kwenehela Mookamedi ya phahameng, lefeelleng.


Ba o kwenehela hangata hakakang lefeelleng! ba nna ba o kgathatsa hakakang nahathothe!


Bakalde ba lwantshang motse ona, ba tla kena, ba tjhese motse ona, ba o tjhese ka mollo, le wona matlo ao ba tjheseditseng Baale dibano hodima wona, mme ba tsholetse teng medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


ke ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ho mphephetsa ka ho tsamaela medimo esele, le ka ho e tjhesetsa dibano, le ka ho e sebeletsa, eo ba neng ba sa e tsebe, leha e le bona, leha e le lona, leha e le bontata lona.


Le mphepheleditseng ka diketso tsa matsoho a lona, ka ho tjhesetsa medimo esele dibano lefatsheng la Egepeta, moo le tlileng ho aha teng; hore ho nne ho ikgaole lona, mme le nne le be thohako le nyediso hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?


Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?


Bana ba Iseraele bohle ba dumaduma ka Moshe le ka Aarone, mme phutheho yohle ya re ho bona: Jo! hoja ra mpa ra shwela fatsheng la Egepeta! hoja ra timela lefeelleng lena!


Empa haele mohlanka wa ka, Kalebe, kahobane moya osele o ho yena, o bile a ntatela ka kutlo e phethehileng, ke tla mo kenya lefatsheng leo a kileng a kena ho lona, mme ditloholo tsa hae di tla le rua.


haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Ho banna ba neng ba ile ho hlwela naha, ha phela Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne feela.


Ba eletsana, ba re: A re ikgetheleng molaodi, mme re kgutlele Egepeta.


Hobane Jehova o ne a itse: Ba tla shwela feelleng; mme ho ke ke ha sala leha a le mong, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Ya tla kena ke Joshua, mora Nune, ya emang pela hao. Mo kgothatse, etswe e le yena ya tla ruisa bana ba Iseraele lefatshe lena.


Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos