Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ka baka leo, ka na ka halefiswa ke moloko oo, ka re: Pelo tsa bona di kgeloha kamehla; ha ba ka ba tseba ditsela tsa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 ka dilemo tse mashome a mane. Ka baka leo, ka halefela moloko oo, ka re: ‘Kamehla dipelo tsa bona di kgelohile, ha ba a ka ba tseba ditsela tsa ka.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ka baka leo, ka swaba ke moloko oo, ka re: Ba ntse ba kgeloha dipelong tsa bona; mme ha ba ka ba tseba ditsela tsa ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ka baka leo, ka swaba ke moloko oo, ka re: Ba ntse ba kgeloha dipelong tsa bona; mme ha ba ka ba tseba ditsela tsa ka.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 3:10
20 Referencias Cruzadas  

Jehova a belaela ke hobane a entse motho lefatsheng, mme pelo ya hae ya eba ntsho.


Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!


hore tsela ya hao e tsejwe lefatsheng, le poloko ya hao ditjhabeng tsohle.


Ba o kwenehela hangata hakakang lefeelleng! ba nna ba o kgathatsa hakakang nahathothe!


ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.


Ka tenwa ke moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka re: Ke setjhaba seo pelo ya sona e kgelohileng; ha ba tsebe ditsela tsa ka.


Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.


Empa ba nna ba ikgantsha, ba halefisa Moya wa hae o Halalelang; yaba o ba fetohela sera, ya eba yena ya ba lwantshang.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.


Ba leshome ha ba utlwa taba eo, ba hlonamela Jakobo le moenae Johanne.


A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.


Empa nna, kahobane ke bolela nnete, ha le ntumele.


Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.


Empa ekare ha nnete ya Modimo e bonahatswa ka leshano la ka, mme kganya ya wona e hodiswa ke hona, nna ke sa tswelwang jwaloka hoja ke le moetsadibe?


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwaetsweng letsatsi la topollo ke wona.


Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;


Yaba ba lahla medimo esele e hara bona, mme ba sebeletsa Jehova; Jehova a utlwela Baiseraele bohloko ka baka la tsietsi ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos