Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 12:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme ha esitile bontata rona ka nama ba re laile, mme re ba hlonephile, na haholoholo re ke ke ra utlwa eo e leng Ntata meya, re tle re phele na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Hape, re ne re na le bontata rona ba nama ba re laileng, mme ra ba hlompha;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hape, re ne re na le bontata rona ba nama ba re laileng, mme ra ba hlompha;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 12:9
28 Referencias Cruzadas  

eo meya ya tse phelang kaofela e leng letsohong la hae, le phefumoloho ya batho bohle?


Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.


Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.


lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.


Morena, motho o phela ka mehauhelo ya hao; bophelo ba moya wa ka bo dutse ho yona kaofela; o a mphodisa, mme o a mphedisa.


Ho itswe ke Modimo Jehova, ya entseng mahodimo, ya a phutholotseng, ya anehileng lefatshe le dimela tsa lona; ya neileng batho ba ho lona phefumoloho, le moya ho ba tsamayang teng:


Ho madimabe ya reng ho ntatae: Na o tswetse eng? le ho mmae: Na o belehile eng?


Hobane nke ke ka tseka ka ho sa feleng, le ho halefa ka ho sa yeng kae, hobane pelo ya motho e ne e ka timela pela ka, le yona meya eo ke e entseng.


Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.


E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Boporofeta ba lentswe la Jehova hodima Iseraele: Ho itswe ke Jehova ya alang mahodimo, ya theang lefatshe, ya bopang moya wa motho ka ho yena:


Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?


Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?


Jehova, Modimo wa meya ya nama yohle, a ke a bee hodima phutheho monna


A re: Moahlodi o ne a le teng motseng o itseng, ya sa tshabeng Modimo, mme le batho a sa re letho ka bona.


A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,


Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya.


Empa erekaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hobane Modimo o mmaletse ka kano hore Kreste, ka nama, o tla tswa mofuteng wa hae, a be a dule teroneng ya hae;


ha o lekanya Mora wa wona, Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswileng lelokong la Davida ka nama;


Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;


bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!


Ho rohakwe ya nyedisang ntatae, kapa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


Ka baka leo, ipeeng katlase ho Modimo, le hanele Diabolose, mme o tla le balehela.


Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.


La ntoo re ho nna: Ditaba tseo ke tse tiileng, ke tsa nnete; mme Morena, Modimo wa meya ya baporofeta, o romile lengeloi la hae ho bontsha bahlanka ba hae ditaba tse seng di tla hlaha kapele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos