Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 12:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ho se be mang kapa mang eo e leng sehlola, kapa ya sa tshabeng Modimo jwaloka Esau, yena ya neng a fane ka ditokelo tsa boholo ba hae ba tswalo ho reka mothangwana wa sejo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Ho se be le sehlola, kapa ya sa hlompheheng, jwaloka Esau, ya ileng a rekisa ditokelo tsa hae tsa letsibolo ka sejo se le seng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ho se be le sehlola, kapa ya sa hlompheheng, jwaloka Esau, ya ileng a rekisa ditokelo tsa hae tsa letsibolo ka sejo se le seng.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 12:16
20 Referencias Cruzadas  

A re: Na ha a rewa lebitso la Jakobo? Ke enwa, o nthetsitse habedi: o nkamohile boholwane ba ka, mme bona, le jwale o nkamohile lehlohonolo la ka! A eketsa a re: Na ha o a ka wa mpolokela lehlohonolo na?


Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,


ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.


e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!


Hape, re se ke ra etsa bootswa, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba ineela jona, mme ka tsatsi le le leng ha wa ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro.


Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.


Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;


Hobane le a tseba hore mofebi, leha a le mong, le ya ditshila, le ya ratang leruo, e leng motho ya sebeletsang medimo ya bohata, ha ba na kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


a ntse a tseba hoba molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo le ba hanang ho utlwa, le ba hanang ditaba tsa Modimo, le baetsadibe, le dihlola, le banyefodi, le ba bolayang bontata bona, le ba bolayang bomma bona, le ba bolayang batho,


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos