Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa tayo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; e a mo llisa; empa hamorao, ba rutwang ka yona e ba kotudisa kgotsong ditholwana tsa ho loka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ha ho kotlo eo ha jwale e bonahalang e thabisa, empa e bohloko;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ha ho kotlo eo ha jwale e bonahalang e thabisa, empa e bohloko;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 12:11
20 Referencias Cruzadas  

Empa lentswe lena la eba bohloko haholo ho Abrahama ka baka la mora hae.


Jehova o ne a nkotle hathata; empa ha a ka a nneela lefu.


Ba ratang molao wa hao ba na le kgotso e kgolo, ha ho kgopiso ho bona.


ke tla otla ditlolo tsa bona ka thupa, le bokgopo ba bona ka phafa;


Tayo e bohloko ho ya kgelohileng tsela, mme ya e hloileng o tla timela.


Laya ngwana hao ha tshepo e sa le teng; empa o se ke wa mo thoothellwa ho mmolaya.


Jehova o tla otla Egepeta jwalo; o tla otla, a boele a fodise; ba tla sokolohela ho Jehova, mme o tla mamela thapelo tsa bona, a ba fodise.


Moputso wa ho loka e tla ba kgotso, tholwana ya ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa yeng kae.


hobane mmuso wa Modimo hase ho ja, hase ho nwa, empa ke ho loka, le kgotso, le thabo, ka Moya o Halalelang.


Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;


Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.


Athe bao ba re laile ka ditshiu di se kae, kamoo ba neng ba bona tshwanelo kateng; empa Morena o re laya ho re batlela molemo, re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.


empa dijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao dikelello tsa bona di lemaletseng ho kgetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebediswa hona.


Ke sona seo le se thabelang haholo, leha empa jwale le sa ntse le hlomohile ke meleko e mengata, leha empa e le ka motsotso o mokgutshwanyane kamoo ho le tshwanetseng kateng;


Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos