Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 11:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa tumelo ha e le siyo, ha ho kamoo Modimo o ka kgahliswang kateng; ya atamelang Modimo e ka kgona a dumele hobane o teng, le hoba ke wona moputsi wa ba o batlang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Empa kantle ho tumelo ha ho kamoo motho o ka o kgahlisang kateng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa kantle ho tumelo ha ho kamoo motho o ka o kgahlisang kateng;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 11:6
47 Referencias Cruzadas  

Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Leha ho le jwalo, ba re ho Modimo: Tloha ho rona! ha re rate ho tseba ditsela tsa hao;


Ba kgesa naha e lakatsehang; ha ba ka ba dumela dipallo tsa wona,


Ke o batla ka pelo ya ka yohle; o etse hore ke se ke ka kgeloha ditaelo tsa hao.


mme ho tla thwe: Moputso o teng ruri wa ya lokileng; ruri, Modimo o teng o ahlolang lefatshe.


Empa haele nna, ho ba haufi le Modimo, ke molemo ho nna; ke beile setshabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ya hao kaofela.


hobane ba sa ka ba dumela ho Modimo, ba sa ka ba tshepa thuso ya wona.


Leha ho le jwalo, ba boela ba sitwa, ba se ke ba dumela meeka ya wona.


E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.


Ke rata ba nthatang; ba mpatlang e sa le kameso, ba tla mphumana.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Motse wa moreneng wa Efraime ke Samaria, mme hlooho ya Samaria ke mora Remalia. Ha le sa dumele, ruri le ke ke la tiya.


A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?


Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?


Yaba Jehova o re ho Moshe: Kahobane le sa ka la dumela ho nna, la nkgalaletsa mahlong a bana ba Iseraele, le ke ke la finyeletsa phutheho ena lefatsheng leo ke le neileng lona.


E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.


Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; hobane ba hlorisitse jwalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.


Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Leha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa diterata, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Mehlolo e tla tsamaya le ba dumetseng ke yona ena: ba tla leleka batemona ka lebitso la ka; ba tla bua dipuo tse ntjha;


le mpe le batle mmuso wa Modimo pele, mme ntho tseo kaofela le tla di ekeletswa.


Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona.


Empa ba tla rapela jwang eo ba sa kang ba dumela ho yena? Mme ba tla dumela jwang ho eo ba sa kang ba utlwa ditaba tsa hae? Mme ba tla utlwa jwang, ha mmoledi a le siyo?


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.


Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;


Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.


Jwale, haele moo ba bang ba tla kena ho yona, athe ba boleletsweng Evangeli pele ha ba ka ba kena ke ho se dumele.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Ha ho le jwalo, banabeso, le mpe le tiye matla ke hona ho tiisa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; hobane ha le ka etsa jwalo ke moo le ke keng la kgoptjwa le ka mohla o le mong.


jwale le lona, le ke le ntsheletse hona hoo matla wohle a lona, le eketse tumelo ya lona ka matla, le matla a eketswe ka tsebo,


Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Jehova a putse mosebetsi wa hao, mme moputso o phethehileng wa hao o tswe ho Jehova, Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tshabela katlasa dipheo tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos