Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 11:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 hobane o ne a lebeletse motse o nang le motheo, oo Modimo e leng mohahi le mothei wa wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 O ne a ntse a lebeletse motse o nang le motheo o tiileng, e leng motse o rerilweng, mme wa hahwa ke Modimo ka sebele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Hobane o ne a lebeletse motse o nang le metheo, oo sehahi le moetsi wa wona e leng Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane o ne a lebeletse motse o nang le metheo, oo sehahi le moetsi wa wona e leng Modimo.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 11:10
11 Referencias Cruzadas  

Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.


Meaho e mangata ka tlung ya Ntate; hojane ha ho jwalo, nka be ke le boleletse; ke ya ho le lokisetsa bodulo.


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Empa wa rona motse o mahodimong, e leng oo hape re lebeletseng ho kgutla teng ha Mmoloki Jesu Kreste, Morena;


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, Jerusalema wa lehodimo, diketeng tsa dikete tsa mangeloi,


Ka baka leo, haele moo re amohetse mmuso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Modimo ka yona ka mokgwa o o khahlisang, ka hlompho le ka tshabo;


Hobane mona, ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha.


Hobane ntlo e nngwe le e nngwe e ye e hahuwe ke motho; empa ya hahileng ntho tsohle ke Modimo.


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos