Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 o tla a mena jwaloka kobo, mme a tla fetoha; empa haele wena, e sa le e le wena, mme mengwaha ya hao e ke ke ya eba le bofelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 O tla di phuthaphutha jwaloka kobo, mme di tla fetoha jwaloka seaparo. Empa wena haesale e le wena, dilemo tsa hao di ke ke tsa fela.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 O tla di phutha jwaloka seaparo, mme di tla fetoha;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 O tla di phutha jwaloka seaparo, mme di tla fetoha;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 1:12
8 Referencias Cruzadas  

Bona, Modimo o moholo, re ke ke ra o tsebisisa, bokae ba dilemo tsa wona bo ke ke ba fumanwa.


Hobane dilemo tse sekete mahlong a hao di jwaloka tsatsi la maobane, ha le se le fetile, le jwaloka tebelo ya bosiu.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Ke nna Ya-leng-teng. Hape wa re: O tla rialo ho bana ba Iseraele, o re: Ya-leng-teng o nthomile ho lona.


Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile.


Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Abrahama ha a eso ho hlahe, ke ntse ke le teng.


Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.


Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos