Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Bagalata 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 E ne e le ka baka la baena ba bohata ba kgukgunetseng hara rona ba sa lemohuwe, mme ba nanaretse ho tla hlwela tokoloho eo re nang le yona ho Jesu Kreste, ba tle ba re busetse botubong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 le ka baka la banababo rona ba bohata ba kentsweng ka boithatelo, ba ileng ba kena ka lekunutu ho tla hloela tokoloho ya rona eo re nang le yona ho Kreste Jesu, hore ba tle ba re etse makgoba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 le ka baka la banababo rona ba bohata ba kentsweng ka boithatelo, ba ileng ba kena ka lekunutu ho tla hloela tokoloho ya rona eo re nang le yona ho Kreste Jesu, hore ba tle ba re etse makgoba.

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 2:4
29 Referencias Cruzadas  

ke tla tsamaya tseleng e ahlameng, hobane ke batla ditemoso tsa hao.


O mpuseletse thabo ya poloko ya hao, nke ke tiiswe ke moya o mafolofolo.


Empa ke o beile letsohong la ba o hlorisitseng, ba neng ba re ho wena: O inamele fatshe, re tle re tsamaye hodima hao! Mme wa bea mokokotlo wa hao jwaloka eka ke mobu, le jwaloka eka ke tsela ya bafeti.


Empa veine e ntjha e tshelwa makukeng a matjha, mme a bolokana hammoho le yona.


Ba bang ba neng ba etswa Judea, ba ruta baena, ba re ho bona: Ekare ha le sa bolle ka mokgwa wa Moshe, ha le ka ke la bolokeha.


Erekaha re utlwile hobane ba bang ba tswileng ho rona ba le tshositse ka dipolelo tsa bona, ba sisinya meya ya lona, ba re, le bolle, mme le boloke molao, athe ha re a ka ra ba laela;


le hobane ho tla tswa hara lona batho ba tla bolela ditaba tse kgopo, ho ikgulela barutuwa.


Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.


Hobane batho ba jwalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste.


Seo ke se bolelang, ha ke lekanya tseo nka ithorisang ka tsona, ha ke se bolele ka mokgwa wa Morena, empa e le jwaloka hoja ke ka bowatla.


Ekasita leha motho a le tuba, leha motho a le ja, leha motho a le amoha, leha motho a le phahamela, leha motho a le jabela, le ye le mamelle.


ke bile maetong hangata; ke batlile ke timella dinokeng, ka batla ke timela hara mashodu, ka batla ke timetswa ke ba setjhaba sa heso, ka batla ke timetswa ke baditjhaba, ka batla ke timella metseng, ka batla ke timella mafeelleng, ka batla ke timella lewatleng, ka batla ke timetswa ke baena ba mahata.


Mme Morena ke Moya; mme moo Moya wa Morena o leng teng, tokoloho e teng.


e seng hore e nngwe e teng, empa batho ba teng ba le ferekanyang, mme ba rata ho sokanya Evangeli ya Kreste.


hobane Agare ke Sinai, thaba ya Arabia — mme o tshwantsha le Jerusalema wa jwale; mme ke ya tlamilweng, le bana ba hae.


Ka mokgwa o jwalo, le rona, enere ha re sa le bana, re ne re le pusong ya taba tsa qalo tsa lefatshe.


Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la bofjwa jokong ya bohlanka.


Haele nna, ke le tshepile Moreneng hore le ke ke la ba le kgopolo esele; empa ya le ferekanyang o tla fihlelwa ke kahlolo, leha e ka ba mang le mang.


Hara bao ho na le ba kgukgunelang matlung, mme ba hapa basajana ba imetsweng ke dibe, ba kenweng ke ditakatso tse ngata,


Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.


Etsang ka mokgwa o tshwanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tshireletso ya bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Modimo.


ba ba tshepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola; hobane seo motho a hlolwang ke sona, o fetoha mofo wa sona le hona.


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos