Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa tse neng di le moruo ho nna, ke di entse tshenyehelo ka baka la Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Empa tsohle tseo ke neng ke di tadima e le phaello, jwale ke di nka e le tahlehelo, ka baka la Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Empa tseo e neng e le leruo ho nna, ke di entse tshenyehelo ka baka la Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Empa tseo e neng e le leruo ho nna, ke di entse tshenyehelo ka baka la Kreste.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:7
20 Referencias Cruzadas  

Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.


Empa mosadi wa Lota a tadima morao, mme a fetoha seemahale sa letswai.


Satane a araba Jehova, a re: Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka di ntshetsa bophelo ba hae.


Leruo la motho le ka lopolla bophelo ba hae; empa mofutsana yena a ke ke a qalwa ke dira.


Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.


nako e teng ya ho batla, e teng nako le ya ho lahlehelwa; nako e teng ya ho boloka, e teng nako le ya ho lahla;


Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?


Yaba se lahla kobo ya sona, sa ema, sa tla ho Jesu.


Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong hara lona, ya sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.


Eitse hobane ba kgore dijo, ba fokotsa sekepe ka ho lahlela koro lewatleng.


a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos