Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke tshepile ho Morena Jesu hobane ke tla phakisa ke le romele Timothea, ke tle ke kgothahale, ha ke utlwa kamoo taba tsa lona di dutseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ka thuso ya Morena Jesu ke tshepile ho le romela Timothea haufinyane, le nna ke tle ke kgothale ha ke utlwa tsa bophelo ba lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Empa ke tshepile ho Morena Jesu hore ke tla akofa ke romela Timothea ho lona, hore le nna ke tle ke tshedisehe, ha ke utlwa taba tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Empa ke tshepile ho Morena Jesu hore ke tla akofa ke romela Timothea ho lona, hore le nna ke tle ke tshedisehe, ha ke utlwa taba tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 2:19
22 Referencias Cruzadas  

Jehova o re: Ho rohakilwe motho ya itshepelang motho, ya etsang nama matla a hae, eo pelo ya hae e furaletseng Jehova.


Mme ditjhaba di tla tshepa lebitso la hae.


A ntoo ya Derba le Listra. Morutuwa o ne a le teng moo, ya bitswang Timothea, mora wa mosadi wa Mojuda ya dumetseng, ntatae empa e le Mogerike.


Esaia le yena o itse: Ho tla hlaha lehlomela la Jese, e leng ya tla ema ho busa ditjhaba, mme baditjhaba ba tla mo tshepa.


Timothea, molekane wa ka mosebetsing, o a le dumedisa; Lusiuse, Jasone, le Sosipatere, batswala ba ka, ba le dumedisa.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.


Ke yena eo le lona le leng ho yena, lona ba utlwileng lentswe la nnete e leng Evangeli ya pholoho ya lona; eo hape, ha le se le dumetse ho yena, le tshwailweng ke Moya o Halalelang, o baletsweng batho;


Re le Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba Filipi ba leng ho Jesu Kreste, le balebedi, le bahlanka ba kereke, re re:


Le lona, le thabele hona hoo, le thabe le nna.


Ke phakisitse ka mo romela ho lona ke hona, hore, ha le boela le mmona, le ke le thabe, mme le nna ke lese ho hlomoha.


Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;


Ke re, ka baka la ho hlolwa ke ho le hlolohelwa, nkile ka roma Timothea, a tle a bone kamoo tumelo ya lona e dutseng kateng; esebe mohlomong moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.


Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.


Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.


Empa jwale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.


ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos