Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho; le mpe le etse ho rata ha Modimo, ka pelo ka ho re, le bahlanka ba Kreste;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, empa jwaloka makgoba a Kreste a etsang thato ya Modimo ka pelo yohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 E seng ka ho sebeletsa mahlong, jwalokaha ba kgahlisa batho; le mpe le be bahlanka ba Kreste, ba etsang thato ya Modimo ka pelo yohle;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 E seng ka ho sebeletsa mahlong, jwalokaha ba kgahlisa batho; le mpe le be bahlanka ba Kreste, ba etsang thato ya Modimo ka pelo yohle;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:6
20 Referencias Cruzadas  

Ke tla ba nea pelo e ntsebang hoba ke Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla sokolohela ho nna ka pelo yohle.


Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.


Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè.


Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


hobane ya etsang thato ya Modimo, ke yena e leng ngwaneso le kgaitsedi ya ka le mme.


Modimo o bokwe, hobane lona le neng le le bahlanka ba sebe, jwale le dumetse ka pelo ho ya ka mehlala ya thuto eo le e rutilweng.


Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le moruwa, ke molokollwa wa Morena; le yena ya bitsitsweng e le molokollwa, ke moruwa wa Kreste.


Hobane, hleka ke re, ke emelwe ke batho, kapa ke Modimo na? Mohlomong, na ho ka thwe, ke rata ho kgahlisa batho? Athe hoja ebe ke sa rata ho kgahlisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.


Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.


Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang hoo, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ya thato ya wona, ka bohlale bohle, le kelello yohle ya Moya;


Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.


Empa jwalokaha Modimo o re bone re le ba tshwanelwang ke ho abelwa tshebetso ya Evangeli, re bua jwalo, e seng hore re kgahlise batho, e le hore re mpe re kgahlise Modimo o lekolang dipelo tsa rona.


Hobane ho rata ha Modimo ke hore le halalele, le hore le tshabe bofebe,


Hobane le tshwanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ya Modimo, le tle le ntoo kotula tseo le di tshepisitsweng.


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


Hobane thato ya Modimo ke hore le thibe, ka ho etsa hantle, melomo ya batho ba mawatla, ba sa tsebeng letho.


a tle a se ke a hlola a sa phela ka ditakatso tsa batho, mehleng e sa setseng ho yena ho phela nameng ka yona, e mpe e be ka ho rata ha Modimo.


Mme lefatshe le a feta, le yona takatso ya lona; empa ya etsang thato ya Modimo, o hlola ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos