Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Kgotso, le lerato, le tumelo di be le baena, di etswa ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Kgotso, le lerato, le tumelo, tse tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste, di ke di be le bana babo rona bohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 A kgotso e be le bana babo rona, le lerato le tumelo, tse tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 A kgotso e be le bana babo rona, le lerato le tumelo, tse tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:23
21 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Kgotso e be le lona! Se tshabeng; Modimo wa lona, e leng le Modimo wa ntata lona, ke wona o le neileng leruo mekotleng ya lona; tjhelete ya lona ya na ya fihla ho nna. A ba a ba tlisetsa Simeone.


Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.


lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Jwale, Modimo wa kgotso o be le lona bohle! Amen!


ke re: Le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


Mme haele bohle ba tlang ho ya ka molao oo, kgotso le mohau di be ho bona, le ho Iseraele wa Modimo.


Mohau o be le bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng. Amen!


Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.


Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!


Mme mohau wa Morena wa rona o ntletse ka ho fetisisa, ka tumelo le ka lerato le ho Jesu Kreste.


Jwalokaha ke ne ke o laele mohla ke yang Masedonia, ka re, o sale Efese, hore o tle o laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele;


Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ya hae, eo o latotse tumelo, mme o fetiswa ke ya sa dumelang.


Dumedisanang ka kako ya lerato. Kgotso e be ho lona bohle ba ho Jesu Kreste! Amen!


empa ke tshepile hoba ke tla o bona kapele, le ho buisana le wena ka molomo.


Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,


Le re ho yena: Kgotso e be ho wena ho pheleng, kgotso e be ho ba ntlo ya hao, kgotso e be le ho tsohle tsa hao!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos