Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, a ba a mo nea Kereke, e tle e be yena hlooho dinthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Modimo o bile o beile tsohle katlasa maoto a hae, mme ka ho mmea hodima tsohle, o mo entse hlooho ya kereke,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, mme a mmea hore e be hlooho ya dintho tsohle bakeng sa phutheho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, mme a mmea hore e be hlooho ya dintho tsohle bakeng sa phutheho.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 1:22
18 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.


Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


Empa ke rata ha le ka tseba hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste, mme hlooho ya mosadi ke monna, mme hlooho ya Kreste ke Modimo.


ho yena ho iswe kganya kerekeng, ka baka la Jesu Kreste, kamehla yohle, ka ho sa feleng! Amen!


hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste le yena e le hlooho ya kereke, mme ke yena Mmoloki wa mmele wa hae.


Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.


e leng yena hape ya re tsebisitseng lerato leo le nang le lona ka Moya.


Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle.


a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.


hore, leha nka dieha, o tle o tsebe kamoo ho tshwanetsweng ho etswa kateng, ka tlung ya Modimo, eo e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


O beile ntho tsohle katlasa maoto a hae. Mme ha ho thwe: Tsohle di beilwe katlasa hae, ha ho a leswa letho le sa bewang katlasa hae; athe ha re eso ho bone jwale hoba tsohle di beilwe katlasa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos