Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baahlodi 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha ho le jwalo, ke itse: Nke ke ka ba leleka pela lona; empa ba tla nne ba be ka mahlakoreng ho lona, mme medimo ya bona e tla ba leraba ho lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka baka leo, ke re: ‘Nke ke ka ba leleka kapele ho lona; e tla ba leraba ho lona, medimo ya bona e be sefi ho lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 2:3
11 Referencias Cruzadas  

ba sebeletsa ditshwantsho tsa tsona, ya eba leraba ho bona.


Ba ke ke ba aha lefatsheng la hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe ka ho sebeletsa medimo ya bona; hobane hoo e ka ba leraba ho wena.


O tle o iponele, esere mohlomong wa etsa selekane le ba ahileng fatsheng leo o tla fihla ho lona, ba tle ba se ke ba o fetohela leraba.


Empa ha le sa lelekise baahi ba naha pela lona, bao le ba tlohetseng ba tla ba jwaloka meutlwa mahlong a lona, le ditsenene mahlakoreng a lona; ba tla le patisa naheng eo le ikahelang ho yona.


O tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o neela tsona; mahlo a hao a se ke a di qenehela, mme o se ke wa sebeletsa medimo ya tsona, hobane hoo e ka ba leraba ho wena.


le tsebisise hobane Jehova, Modimo wa lona, ha a sa tla leleka ditjhaba tsena pela lona, empa e tla ba difi le maraba ho lona, le diphafa mahlakoreng a lona, le meutlwa mahlong a lona, le be le fele fatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona.


le nna, ha ke sa tla hlola ke leleka pela bona motho le a mong wa ditjhaba tseo Joshua a di siileng mohla a timelang;


Lengeloi la Jehova la re le sa bolella bana bohle ba Iseraele taba tseo, setjhaba sa bokolla, sa lla.


Ba nyala baradi ba bona, ba nea bara ba bona baradi ba bona, mme ba sebeletsa medimo ya bona.


Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos