Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane ya etsang tseo ke Morena, Jehova wa makgotla; o ama lefatshe, mme le a qhibidiha; bohle ba ahileng ho lona ba hlomoha, kaofela ha lona le phahama jwaloka noka, le boele le kokobele jwaloka noka ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Morena Modimo wa mabotho o ama lefatshe, a ame lefatshe, ebe le a qhibidiha, bohle ba phelang ho lona ebe ba a lla. Naha yohle e tla kokomoha jwaloka Nile, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Amose 9:5
17 Referencias Cruzadas  

O tadima lefatshe, le thothomele; o ama dithaba, di thunye mosi.


Jehova, sekamisa mahodimo a hao, o theohe; o ame dithaba, di kubelle!


Ka baka leo, mokgethehi e mong le e mong a ke a o rapele ka nako eo o ka bonwang ka yona; dikgoholeng tsa metsi a maholo, merwallo e ke ke ya mo atamela.


Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.


Dithaba di qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi pela sefahleho sa Jehova, pela sefahleho sa Morena wa lefatshe lohle.


Hojane o ka bula mahodimo, wa theoha, dithaba tsa keleketla pela hao!


Lefatshe le tla nne le lle ho le hokae, jwang ba dinaha tsohle bo omelle ho isa kae na? Ka baka la bolotsana ba baahi ba lona, diphoofolo le dinonyana di timetse, hobane ba re: A ke ke a bona bofello ba rona.


Ka baka leo, lefatshe le a lla, le batho ba ahileng ho lona ba tepeletse, le tsona diphoofolo tsa naha le dinonyana tsa lehodimo; esita le dihlapi tsa lewatle di a timela.


Ka baka la tseo, na lefatshe le ke ke la sisinyeha, ho swabe bohle ba ahileng ho lona? Na le ke ke la phahama kaofela ha lona, jwaloka noka, la phahama, la ntoo kokobela jwaloka noka ya Egepeta?


Dithaba di sisinyeha pela hae, maralla a qhibidiha; pela hae lefatshe le a kokomoha, lefatshe la batho, le tsohle tse ho lona.


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.


mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo, mme ya wa, mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos