Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 ba lakatsa ho bona lerole la lefatshe hodima hlooho ya mofutsana, mme ba kgopamisa taba tsa ba banyenyane; motho le ntatae ba kenela mosadi a le mong, ba tle ba tlotlolle lebitso la ka le kgethehileng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ba fokolang ba ba hatakela dihlooho, ba hatakelle hlooho tsa bona leroleng, batlatlapuwa ba ba hlokele toka. Mora le ntatae ba kopanela seotswa, bitso la ka le halalelang ba le hlompholle jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Amose 2:7
24 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.


Yaba Akabe o boela hae, a hloname, a halefile ke taba eo Nabothe wa Jisreele a mo arabileng ka yona, kamoo a itseng kateng: Nke ke ka o nea lefa la bontate. A robala diphateng tsa hae, a reteletsa sefahleho sa hae, a hana ho ja bohobe.


Ho ya ka tshobotsi tsa batho hase ntho e ntle; esita ka baka la leqhetswana la bohobe motho a ka tlola molao.


Ho madimabe ba beang melao e sa lokang, le bangodi ba ngolang mangolo a hloriso;


ho amoha mafutsana tokelo ya wona, le ho hlakola tokelo ya bafumanehi ba setjhaba sa ka, ho etsa bahlolohadi kgapo ya bona, le ho ja dikgutsana.


Jehova o biletsa baholo ba setjhaba sa hae le marena a sona tsekong, o re: Le jele tshimo ya merara, mme kgapo eo le e amohileng bafumanehi e matlung a lona.


Le reng ha le hlorisa setjhaba sa ka, leha le pitla difahleho tsa basenyehi? ho botsa Morena, Jehova wa makgotla.


ha hao, e mong o etsa manyala le mosadi wa wa habo, e mong o silafatsa ngwetsi ya hae ka bohlola, e mong o kokobetsa kgaitsedie, moradi wa ntatae.


Eitse hobane ba fihle ditjhabeng tseo ba fihlileng ho tsona, ba senya lebitso la ka le kgethehileng, ha ho no ho ntse ho thwe ka bona: Bana ke setjhaba sa Jehova, ba tswile lefatsheng la hae.


Ha nka ke ka kgalemela baradi ba lona, kahobane ba iketsa diotswa, le dingwetsi tsa lona, kahobane di a feba, hobane lona le ya ka thoko le diotswa, le etsa mahlabelo le ena le basadi ba bafebi. Setjhaba se se nang kutlwisiso se a timela.


O se ke wa apola bofeela ba ngwetsi ya hao, hobane ke mosadi wa mora wa hao; o se ke wa apola bofeela ba hae.


O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


O se ke wa apola bofeela ba mosadi wa ntatao; ke bofeela ba ntatao.


Mme nna motho eo ke tla mo tjamela, mme ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo; hobane o neetse Moloke e mong wa bana ba hae, mme o tshetse jwalo nqalo e halalelang ya ka ditshila; o nyefotse lebitso la ka le halalelang.


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.


Hobane ke tseba hoba ditlolo tsa lona di ngata, le hoba dibe tsa lona di atile haholo; le hlorisa ya lokileng, le nka tefo, mme bafumanehi ha le ba ahlolele kgotla.


Utlwang taba ena, lona le pheheletseng ho metsa mofutsana le ho timetsa bafumanehi lefatsheng; lona le reng:


Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.


Basadi ba setjhaba sa ka le ba leleka tlung e ratehang ya bona, le bile le amoha bana ba bona kganya ya ka, hore ba e hloke kamehla yohle.


Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;


Hobane lebitso la Modimo le nyefolwa ka baka la lona hara bahedene, jwalokaha ho ngodilwe.


Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos