Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Timothea 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hopola hobane Jesu Kreste, e leng wa leloko la Davida, o tsohile bafung, kamoo Evangeli ya ka e bolelang kateng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Hopola Jesu Kreste, setloholo sa Davida, ya tsohileng bafung, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Hopola hore Jesu Kreste o tsohile bafung, e leng wa leloko la Davida, ka Evangeli ya ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hopola hore Jesu Kreste o tsohile bafung, e leng wa leloko la Davida, ka Evangeli ya ka.

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 2:8
18 Referencias Cruzadas  

Buka ya leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Abrahama.


A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;


Lelokong la eo, ka pallo ya wona, Modimo o hlahiseditse Iseraele Mmoloki Jesu.


Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.


Empa erekaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hobane Modimo o mmaletse ka kano hore Kreste, ka nama, o tla tswa mofuteng wa hae, a be a dule teroneng ya hae;


Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,


tsatsing leo Modimo o tla ahlola disatsejweng tsa batho ka Jesu Kreste, jwalokaha Evangeli yaka e ruta.


Hape, banabeso, ke le hopotsa Evangeli eo ke seng ke le boleletse yona, eo le e amohetseng, eo le tiisetsang ho yona,


mme o kile a patwa, a ba a tsoha ka letsatsi la boraro, kamoo Mangolo a bolelang kateng.


O le bileditse hona ka Evangeli ya rona, le tle le rue kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.


e leng ka Evangeli e kganyang ya Modimo o lehlohonolo, eo ke e laetsweng.


boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna ke leng moholehuwa wa hae, empa o inkele kabelo bohlokong ba Evangeli ka matla a Modimo,


Lemoha seo ke se bolelang; mme Morena a ke a o nee kelello tabeng tsohle.


Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos