Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le tsona morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a di kgethileng tsa ditjhaba tsohle tseo a di hlotseng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Le tsona kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera le kgauta eo a e hapileng ho ditjhaba tsohle tseo a ileng a di hlola,

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:11
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Thoi o romela mora hae Jorame ho morena Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo leboha kamoo a lwantshitseng Hadadesere kateng, a bileng a mo hlotse, hobane Hadadesere o ne a lwantsha Thoi. Jorame a tlisa mesebetsi ya silefera, le ya kgauta, le mesebetsi ya koporo.


Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo morena Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa le mesebetsi e kgethetsweng Modimo ke ntatae Davida, e le silefera le kgauta le dipitsa, a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Jehova.


Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.


Ke lokiseditse ntlo ya Modimo wa ka, ka matla wohle a ka, kgauta ya ho etsa tsa kgauta, le silefera ya ho etsa tsa silefera, le koporo ya ho etsa tsa koporo, le tshepe ya ho etsa tsa tshepe, le difate tsa ho etsa tsa difate; le mahakwe a onikse, le mahakwe a tla bewa dikoomaneng, le mahakwe a benyang le a mebalabala, le mahakwe a mang a mefuta a bohlokwa, le majwe a maramore e tshweu a mangata.


Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa mesebetsi e kgehetsweng Modimo ke ntatae, e le silefera, le kgauta, le mesebetsi ya mefutafuta, mme a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Modimo.


Tsoha, o pole, moradi wa Sione, hobane lenaka la hao ke tla le fetola tshepe, ditlhako tsa hao e be koporo, o tle o thuhake di tjhaba tse ngata; ke tla kgethela Jehova leruo la tsona, monono wa tsona ke o kgethele Morena wa lefatshe lohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos